Top Banner
Ngoliso ea Bakhethi “Sepheeo sa bukana ena ke ho ruta sechaba ka lintlha tse lateloang ha ho ngolisetsoa likhetho” 3. LENANE LA BAKHETHI LE NA LE LINTLHA TSE LATELANG Lebatooa, motse, setsi sa ngoliso Nomoro ea mokhethi Fane, Lebitso la mokhethi le setšoantšo sa hae E motona kapa e motšehali Tlhaho ea mokhethi 4. NGOLISO EA LIKHETHO HA E EA PHETHAHALA HAEBA mabitso a bakhethi a sa hlahe kaofela lenaneng la bakhethi kapa mabitso a hlaha a fosahetse hona le bafu ba bangata Mabitso a bakhethi a hlaha moo ho fosahetseng Hona le mabitso a batho ba senang tokelo ea ho ngolisetsa likhetho TLHOKOMELISO • HO SE NGOLISE KE TLOLO EA MOLAO • HO NGOLISA HA NGATA KE TLOLO EA MOLAO HO NGOLISA KA MABITSO A SA NEPAHALANG KE TLOLO EA MOLAO
2

3. LENANE LA BAKHETHI LE NA LE LINTLHA TSE LATELANG 4. …prototype.cbsdev.co.ls.dedi713.jnb2.host-h.net/iec/wp... · 2018. 8. 14. · ˜ Lengolo la kolobetso ˜ Lengolo la tlhaho

Dec 17, 2020

Download

Documents

dariahiddleston
Welcome message from author
This document is posted to help you gain knowledge. Please leave a comment to let me know what you think about it! Share it to your friends and learn new things together.
Transcript
Page 1: 3. LENANE LA BAKHETHI LE NA LE LINTLHA TSE LATELANG 4. …prototype.cbsdev.co.ls.dedi713.jnb2.host-h.net/iec/wp... · 2018. 8. 14. · ˜ Lengolo la kolobetso ˜ Lengolo la tlhaho

Ngoliso ea Bakhethi“Sepheeo sa bukana ena ke ho ruta sechaba

ka lintlha tse lateloang ha ho ngolisetsoa likhetho”

3. LENANE LA BAKHETHI LE NA LE LINTLHA TSE LATELANG

� Lebatooa, motse, setsi sa ngoliso� Nomoro ea mokhethi� Fane, Lebitso la mokhethi le setšoantšo sa hae� E motona kapa e motšehali� Tlhaho ea mokhethi

4. NGOLISO EA LIKHETHO HA E EA PHETHAHALA HAEBA � mabitso a bakhethi a sa hlahe kaofela lenaneng la bakhethi kapa � mabitso a hlaha a fosahetse � hona le bafu ba bangata� Mabitso a bakhethi a hlaha moo ho fosahetseng� Hona le mabitso a batho ba senang tokelo ea ho ngolisetsa likhetho

TLHOKOMELISO • HO SE NGOLISE KE TLOLO EA MOLAO • HO NGOLISA HA NGATA

KE TLOLO EA MOLAO • HO NGOLISA KA MABITSO A SA NEPAHALANG KE TLOLO EA

MOLAO

Page 2: 3. LENANE LA BAKHETHI LE NA LE LINTLHA TSE LATELANG 4. …prototype.cbsdev.co.ls.dedi713.jnb2.host-h.net/iec/wp... · 2018. 8. 14. · ˜ Lengolo la kolobetso ˜ Lengolo la tlhaho

HO NGOLISETSOA KAE?

Ho ngolisoa hohle moo ho nang le litsi tsa ngoliso kapa liofising tsa mabatooa tsa IEC HO NGOLISOA NENG?

Ho ngolisoa nako eohle hang ka mor’a phatlalatso ea sephetho ho fihlela matsat-si a robeli ka mor’a phatlalatso ea letsatsi la likhetho. Ha ho uoa likhethong ngoliso e ea fanyehoa ele ho lokisetsa ho tšoara likhetho.

LITOKOMANE TSE HLOKAHALANG HO NGOLISETSA LIKHETHO KE LIFENG?

Hore motho a ngolise, o hloka hoba le e’ngoe ea litokomane tsa boitsebiso tse mo pakang hore ke moahi oa Lesotho joaloka:� Bukana ea ho eta� Lengolo la kolobetso� Lengolo la tlhaho� Bopaki bo hlapanyelitsoeng bo entsoeng ke mokhethi emong ea ngolisitseng le Komisi e Ikemetseng ea Likhetho� Karete ea boitsebiso ea naha

HO NGOLISOA JOANG?

� Mokhethi o hlahisa tokomane ea boitsebiso� Mongolisi o hlahloba tokomane ea mokhethi� Mokhethi oa hlahlojoa hore na ha a so ngolise � Litaba tsa mokhethi li kengoa mochining� Mokhethi o nkoa menoana, oa tekena , a nkoe foto, � O etsetsoa karete hona moo

LENANE LA BAKHETHI LE PHETHAHETSE HA HO ETSAHETSE ENG? KE TSEBA JOANG HA NGOLISO E PHETHAHETSE?

1. Ha Lintlha tse boletsoeng mona li hlaha kaofela lenaneng la bakhethi moo ho nepahetseng, ka tsela e nepahetseng ebile li nepahetse kaofela 2. Mabitso a hlahang lenaneng la bakhethi la sebaka/setsi sa ngoliso ka seng e lokela e be a batho:

� ba tsejoang, � ba phelang ebile ba fumaneha sebakeng seo ba hlahang ho sona ba e na le tokelo ea ho ngolisetsa moo

NGOLISO EA BAKHETHI KE ENG?

Ngoliso ea bakhethi ke pokello ea lethathamo la mabitso a bakhethi ba lilemong tsa ho khetha ebile e le baahi ba Lesotho ka molao/matsoalloa a Lesotho.

SEPHEO SA NGOLISO KE SEFE?

Sepheo sa ngoliso ke ho etsa bonnete ba hore batho ba khethang ke ba nang le tokelo ea ho khetha le ho khethoa.

KE MANG EA NANG LE TOKELO EA HO NGOLISA?

• Motho ea nang le tokelo ea ho ngolisa ke motho e mong le e mong eo eleng Mosotho (moahi oa Lesotho ka molao/ letsoalloa la Lesotho)• Ke motho ea lilemo li 18 kapa ho feta. o tlameha ho ngolisa ka hara matsatsi a mashome a tšeletseng a fihletse lilemo tse 18.

KE MANG EA SENANG TOKELO EA HO NGOLISA?

Ho latela molao oa likhetho oa 2011, khaolong ea bohlano, mokopi a ka haneloa ho ngolisa haeba:� Lilemo tsa hae li le ka tlasa lilemo tsa molao tsa ho ngolisa (18)� Motho ea tlotseng molao oa likhetho lilemo tse hlano li eso fete ka mor’a kahlolo� A ahloletsoe lefu� A phatlalitsoe a na le lefu la kelello ka molao E se Mosotho ( e se letsoalloa kapa mojaki oa molao oa Lesotho)� A ena le tjako peli (moahi oa Lesotho le naha e ngoe, mohlala, Botswana, Swaziland, South Africa, j.j)� A ikamahanya le naha e ‘ngoe e le lehlaba-phieo

BAKHETHI KOMISIBakhethi ba tla ba le monyetla oa ho khetha ‘muso oo ba o batlang

Motho ea ngolisitseng o na le monyetla oa ho kenya letsoho tlhoekisong ea lenane la bakhethi

Ho tseba palo ea batho ba lilemong tsa ho khetha

Ho phethahatsa litokelo tsa mokhethi tsa sepolotiki le tse

ling

Ho etsa litsi tsa khethelo

Ho ngolisa ho thusa Komisi ea Likhetho ho lokisetsa

likhetho e tseba na e lokisetsa batho ba bakae